BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thapelo ya ho kopa thuso le ya teboho nakong tsa meferefere.

Pesaleme ya Davida.

1. Jehova, ke howeletsa ho wena! Lefika la ka, o se ke wa nthibanela ditsebe; esere mohlomong, ha o ka nkgutsetsa, ka ba jwaloka ba theohelang lebitleng.

2. Utlwa lentswe la dithapedisiso tsa ka ha ke howeletsa ho wena, leha ke otlollela sehalalelo sa hao matsoho a ka!

3. O se ke wa ntlosa hammoho le ba babe le ba etsang bokgopo, ba bolelang kgotso ho ba habo, athe bolotsana bo ka dipelong tsa bona.

4. O ba fe moputso o lokelang mesebetsi ya bona le bolotsana ba diketso tsa bona! O ba putse ka mosebetsi wa matsoho a bona, o busetse ho bona kamoo ba entseng kateng.

5. Hobane ha ba ele diketso tsa Jehova hloko, leha e le mosebetsi wa matsoho a hae, Jehova o tla ba diha, a ke ke a ba ahisa!

6. Ho roriswe Jehova, hobane o utlwile lentswe la dithapedisiso tsa ka!

7. Jehova ke matla a ka le thebe ya ka. Pelo ya ka e itshepetse yena, mme o nthusitse. Pelo ya ka e thabile ke hona, mme ke tla mo roka ka difela tsa ka.

8. Jehova ke matla a setjhaba sa hae, ke qhobosheane ya poloko ho motlotsuwa wa hae.

9. Jehova, o boloke setjhaba sa hao, o hlohonolofatse lefa la hao, o be modisa wa bona, o ba tiise ka ho sa feleng.