BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 146 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Thoko e rokang Modimo ka ho re, ke wona o nnotshi o tsebang ho namola.

1. Bokang Jehova!Moya wa ka, o rorise Jehova!

2. Ke tla rorisa Jehova, ha ke sa ntse ke phela; ke tla binela Modimo wa ka, ha ke sa ntse ke le teng!

3. Le se ke la itshepela marena, leha e le bana ba batho ba sitwang ho pholosa motho!

4. Phefumoloho ya bona ha e fela, ba kgutlela leroleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ya bona e fedile.

5. Ho lehlohonolo eo Modimo wa Jakobo e leng thuso ya hae, eo tshepo ya hae e beilweng ho Jehova, Modimo wa hae!

6. O entse mahodimo le lefatshe, lewatle le tse ho lona kaofela, o boloka nnete ka ho sa feleng.

7. O ahlolela ba tujwang, o fa ya lapileng bohobe. Jehova o lokolla batshwaruwa;

8. Jehova o tutubolla mahlo a difofu; Jehova o emisa ba inamisitsweng; Jehova o rata ba lokileng.

9. Jehova o sireletsa baditjhaba, o emisa kgutsana le mohlolohadi; empa o kgelosa tsela ya ba bolotsana.

10. Jehova o rena ka ho sa yeng kae. Modimo wa hao, Sione, o ntse o le teng melokong yohle, Bokang Jehova!