BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 117 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

Ditjhaba di biletswa ho kena mmusong wa Modimo.

1. Rokang Jehova, lona, ditjhaba tsohle! Mo roriseng, lona, merabe kaofela!

2. Hobane mohau wa hae o matla haholo bakeng sa rona, mme nnete ya Jehova e hlola ka ho sa feleng! Bokang Jehova!