BIBELE

Tite 2:5-11 BIBELE (SSO89SO)

5. le ho ba le boitlhompho le bohlweki, le ho hlokomela malapa a bona, le ho ba mosa, le ho ikokobeletsa banna ba bona, esere lentswe la Modimo la nyefolwa.

6. Bahlankana le bona o ba kgothaletse hore ba be sedi.

7. Wena ka sebele o ba etsetse mohlala dinthong tsohle ka mesebetsi e metle, ka thuto e hlwekileng le ka boitlhompho.

8. O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.

9. Makgoba a ikokobeletse beng ba wona dinthong tsohle, a ba kgotsofatse kahohlehohle, a se ke a arabisana le bona,

10. a se ke a ba utswetsa. Empa a bontshe hore a tshepahala kannete, kamehla, hore a tle a etse hore thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, e kgahlehe dinthong tsohle.

11. Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse.