BIBELE

Tite 2:11-15 BIBELE (SSO89SO)

11. Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse.

12. O re ruta ho tela bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, re tle re phele re le sedi, re lokile, re ena le borapedi mehleng ya jwale,

13. re ntse re lebeletse lehlohonolo leo re le tshepisitsweng le ponahalo ya tlotla ya Modimo e Moholo, Jesu Kreste, Mopholosi wa rona.

14. Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.

15. Bolela tsena, o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle. Ho se be ya o nyedisang.