BIBELE

Tite 2:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Ha e le wena, o bolele tse lokelang thuto ya nnete.

2. Banna ba hodileng ba be le boitshwaro dinong, ba itlhomphe, ba be sedi. Ba be le tumelo, lerato le tiisetso ya nnete.

3. Ka mokgwa o jwalo, basadi ba hodileng ba be le boitshwaro bo lokelang ba halalelang, ba se ke ba bua batho hampe, e se be makgoba a dino, empa ba rute tse lokileng.

4. Ka hona ba tla kgothaletsa basadi ba batjha ho rata banna ba bona le bana ba bona,

5. le ho ba le boitlhompho le bohlweki, le ho hlokomela malapa a bona, le ho ba mosa, le ho ikokobeletsa banna ba bona, esere lentswe la Modimo la nyefolwa.

6. Bahlankana le bona o ba kgothaletse hore ba be sedi.

7. Wena ka sebele o ba etsetse mohlala dinthong tsohle ka mesebetsi e metle, ka thuto e hlwekileng le ka boitlhompho.

8. O bolele tsa nnete, tse ke keng tsa tshwauwa diphoso, hore mohanyetsi a tle a hlajwe ke dihlong ka baka la ho hloka bobe boo a ka re beang bona.

9. Makgoba a ikokobeletse beng ba wona dinthong tsohle, a ba kgotsofatse kahohlehohle, a se ke a arabisana le bona,

10. a se ke a ba utswetsa. Empa a bontshe hore a tshepahala kannete, kamehla, hore a tle a etse hore thuto ya Modimo, Mopholosi wa rona, e kgahlehe dinthong tsohle.

11. Mohau wa Modimo, o pholosang batho bohle, o bonahetse.