Tite

  1. 1
  2. 2
  3. 3

BIBELE

Tite 1 BIBELE (SSO89SO)

Tumediso

1. Nna Paulosi, mohlanka wa Modimo le moapostola wa Jesu Kreste, ke tshwanetse ho thusa bakgethwa ba Modimo ho dumela le ho tseba nnete e isang bodumeding,

2. e re neang tshepo ya bophelo bo sa feleng. Modimo ya sa thetseng o re tshepisitse bophelo bona, mehla e eso be teng.

3. Ka nako ya teng a senola molaetsa wa hae, oo ke tshepetsweng ho o phatlalatsa ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona.

4. Ke a o dumedisa Tite, ngwanaka wa sebele tumelong, eo rona le wena re nang le yona, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Mopholosi wa rona, di ke di be le wena.

Mosebetsi wa Tite, Kerete

5. Ke o siile Kerete ho qetela ho hlophisa tse saletseng, le ho bea baholo motseng o mong le o mong, ho ya kamoo ke o laetseng kateng.

6. E mong le e mong wa bona e be motho ya sa nyatseheng, monna ya nang le mosadi a le mong; bana ba hae e be badumedi, e se be batho ba hlaha, ba sa mameleng ho hang.

7. Eka kgona mookamedi ya hlokometseng tsa Modimo a se ke a nyatseha. E se be motho ya ikgopolang, kapa sefelapelwana, kapa letahwa, kapa ya leqhoko, kapa ya ithuisang ka mano.

8. Empa a thabele baeti, a rate tse lokileng, a be sedi, a loke, a halalele, mme a be le boitshwaro.

9. A kgomarele molaetsa wa sebele, o dumellanang le tseo a di rutilweng. Ka hona a ka tseba ho kgothatsa ba bang ka thuto ya nnete, le ho nyatsa ba e hanyetsang.

10. Ho na le ba bangata ba itaolang, ba thetsang ba bang ka dipuo tsa bosawana, haholoholo hara Bajuda ba sokolohileng.

11. Eka kgona ba jwalo ba kgutsiswe, hobane ba qhala malapa ka ho ruta tse sa tshwanelang, hore ba ithuise ka mano.

12. E mong wa bona, eo e leng moporofeta wa bona, o ile a re:“Bakerete ke mahata kamehla, ke dibatana tse kgopo, ke menyollo e botswa.”

13. Bopaki boo ke ba nnete. Ka lebaka lena o ba kgalemele ka thata, e le hore ba tle ba be le tumelo ya nnete,

14. mme ba se ke ba natsa ditshomo tsa Bajuda le ditaelo tsa batho ba furallang nnete.

15. Ho ba hlwekileng tsohle di hlwekile, empa ho ba silafetseng le ho ba sa dumeleng ha ho letho le hlwekileng, hobane dikelello tsa bona le matswalo a bona a silefetse.

16. Ba bolela hore ba tseba Modimo, empa diketso tsa bona di a latola. Ba a nyonyeha, ba hana ho mamela, ba sitwa ho etsa letho le lokileng.