BIBELE

Nahume 3:15-19 BIBELE (SSO89SO)

15. Mollo o tla o tjhesetsa hona teng,sabole e o bolaele hona moo,e o je sa ditsie di kumola dijalo.Ata, o ikatise sa ditsienyane,o ikatise jwaloka bookgolane!

16. O ekeditse palo ya bahwebi ba hao,wa e eketsaho feta naledi tsa lehodimo.Jwalokaha ditsie di ye di je,ebe di a ikela,le bona ba tla o ja, ebe ba a ikela.

17. Balebedi ba haoba itshwanela le ditsie,bangodi ba haoba ka boiyane ba ditsie,tse itshwarellang marakongmohla mohatsela,ere ha le tjhaba, di futhumala, di fofe,di fofele mooho seng motho ya tsebang.

18. Oho, wena kgosi ya Asiria,babusi ba hao ba kgalehile,mahosana a hao a ipaqametse fatshe.Tjhaba sa haose qhalakane dithabeng,ha ho le ya mong ya se phuthang.

19. Leqeba la hao ha le na pheko,leoma la hao le isa lefung.Bohle ba utlwangditaba tsena tsa hao,ba opela ho wa ha hao mahofi.Ke mangya phonyohileng sehloho sa hao,sehloho sa hao se sa kgaotseng?