BIBELE

Nahume 3:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Ho madimabe motseo kganathetseng madi,o tletseng thetso,o tletseng le kgapo,motse o sa kgaotseng ho lobela!

2. Ho lla sephadi, makoloi a a kititsa,dipere di a kgema, ho lla tlhako,le kariki tsa ntwa di a kgehlemana.

3. Bapalami ba dipere ba a kgoroha,sabole di a tsekema,marumo a a phatsima!Ditopo ke mofela, di robellane feela,bongata ba tsona ha bo na palo,batho ba kgothometsehahodima tsona.

4. Ninife e otlwa jwalohobane e le seotswa,boloi ba yonabo ke ke ba ba ba bolelwa,ka bootswa ba yona e hohela ditjhaba,ka boloi ba yonae fetole merabe makgoba.

5. “Wena Ninife, ke a o lwantsha,”ho rialo Morena wa mabotho.“Ke tla o hlobodisa, ke o tsodise.Ke tla pepesetsa ditjhababofeela ba hao,mebuso e bone tse dihlong tsa hao.

6. Ke tla o silafatsa,ke o hlabise dihlong,ke o etsesebonwang-se-bonwa-ke-bohle.

7. Bohle ba o bonangba tla o baleha, ba re:<Motse wa Ninife o fetohile masupi,ekaba ke mang ya tla o llela?>Ke tla fumana mangya tla o tshedisa?”

8. Na o lokile ho feta Tebese,e neng e hahilwe bopong la Nile,e neng e potapotilwe ke metsi?Lewatle le ne le e haheleditse,metsi a lona a e etseditse lerako.

9. Kushe le Egepeta di ne di e hlomella,di e hlomella, ho se na moedi;Pute le Lebia tsona di e thusetsa.

10. Empa le yona Tebesee ile ya haptjwa,tjhaba sa yona sa iswa bothopuweng.Mateanong a diterata tsohle,bana ba yona ba pshatlakanngwa;mahosana a yona a laolwa ka lotho,yaba bahlomphehi ba yonaba a tlangwa,ba tlangwa ka mahlaahlela.

11. Le wena Ninife, o tla tahwa,o tahwe, o be o thekesele,o batle mooo ka ipatelang sera teng.