BIBELE

Kodi-Ya-Malla 5:7-22 BIBELE (SSO89SO)

7. Bo-ntata rona ba entse dibe,mme ba shwele,rona re ahlolelwa makgopo a bona.

8. Makgoba a fetohile babusi ba rona,ha ho ya re namolelangmatsohong a wona.

9. Re fumana dijore okametswe ke lefu,ka baka la sabole e lehwatateng.

10. Letlalo la ronale ntshofetse sa sebopi,ka baka la ho phela hara sekoboto.

11. Ba ile ba beta basadi ba Sione,ba beta le barwetsanaba metse ya Juda.

12. Mahosana a ile a tshwarwa,a fanyehwa,baholo ba setjhababa rolelwa hlompho.

13. Bahlankana ba sebetsa ka thata,ba a sila,bashanyana ba sudubanatlasa mangata a patsi.

14. Maqheku ha a sa dulakgorong ya motse,batjha ba kgaoditseho letsa makodilo.

15. Thabo ya pelo tsa rona e fedile,metjeko ya rona e fetohile bofifi.

16. Meqhaka e wele hloohong tsa rona,re madimabe, hobane re sitilwe.

17. Ka baka la tsenapelo tsa rona di nyahame,ka baka la tsenamahlo a rona a fifetse.

18. Kahobane thaba ya Sionee le feela,phokojwe di nyanyakahara masupi a yona.

19. Wena Morena,o busa kamehla yohle,terone ya haoe hlomamiseditswe meloko yohle.

20. Ke ka baka lango re lebalang kamehla?Ke ka baka lango re furallang halelele?

21. Re kgutlisetse ho wena Morena,re tla kgutla,ntjhafatsa tshiu tsa ronadi be jwaloka pele.

22. Kapa ebe o so re lahletse ruri?Kgalefo ya hao ha e sa na moedi?