BIBELE

Kodi-Ya-Malla 5:6-19 BIBELE (SSO89SO)

6. Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria,re tle re tsebe ho fumana bohobe.

7. Bo-ntata rona ba entse dibe,mme ba shwele,rona re ahlolelwa makgopo a bona.

8. Makgoba a fetohile babusi ba rona,ha ho ya re namolelangmatsohong a wona.

9. Re fumana dijore okametswe ke lefu,ka baka la sabole e lehwatateng.

10. Letlalo la ronale ntshofetse sa sebopi,ka baka la ho phela hara sekoboto.

11. Ba ile ba beta basadi ba Sione,ba beta le barwetsanaba metse ya Juda.

12. Mahosana a ile a tshwarwa,a fanyehwa,baholo ba setjhababa rolelwa hlompho.

13. Bahlankana ba sebetsa ka thata,ba a sila,bashanyana ba sudubanatlasa mangata a patsi.

14. Maqheku ha a sa dulakgorong ya motse,batjha ba kgaoditseho letsa makodilo.

15. Thabo ya pelo tsa rona e fedile,metjeko ya rona e fetohile bofifi.

16. Meqhaka e wele hloohong tsa rona,re madimabe, hobane re sitilwe.

17. Ka baka la tsenapelo tsa rona di nyahame,ka baka la tsenamahlo a rona a fifetse.

18. Kahobane thaba ya Sionee le feela,phokojwe di nyanyakahara masupi a yona.

19. Wena Morena,o busa kamehla yohle,terone ya haoe hlomamiseditswe meloko yohle.