BIBELE

Kodi-Ya-Malla 5:1-7 BIBELE (SSO89SO)

1. Morena, ako hopoletse re wetseng hodimo!Ako tadime,o bone sekgobo sa rona!

2. Naha ya ronae hapilwe ke baditjhaba,melata e ikabile ka malapa a rona.

3. Re dikgutsanyana,bo-ntata rona ba shwele,bo-mma ronaba fetohile bahlolohadi.

4. Re nwa metsi a rekwang ka tjhelete,patsi re e fumana ka ho e reka!

5. Baphaladisi ba ronaba re hateletse melala,re sebetsa ka thata,phomolo ha re e fumane.

6. Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria,re tle re tsebe ho fumana bohobe.

7. Bo-ntata rona ba entse dibe,mme ba shwele,rona re ahlolelwa makgopo a bona.