BIBELE

Jakobo 5:9-20 BIBELE (SSO89SO)

9. Bana beso, e mong a se ke a lla ka e mong, hore le tle le se ke la ahlolwa. Moahlodi ke eo o se a le monyako.

10. Bana beso, inkeleng mohlala wa ho tiisetsa mathata le ho mamella ho baporofeta, ba neng ba bua lebitsong la Morena.

11. Bonang, ba mameletseng re re ba lehlohonolo. Le utlwile tsa mamello ya Jobo, mme le lemohile sepheo sa Morena, hobane Morena o tletse mohau le kutlwelobohloko.

12. Ho feta tsohle, bana beso, le se ke la hlapanya leha e le ka lehodimo kapa ka lefatshe, leha e le ka mokgwa ofe kapa ofe. Ha le re “e”, le re “e”; ha le re “tjhe”, le re “tjhe”; e le hore le se ke la welwa ke kahlolo.

13. Na hara lona ho teng motho ya mathateng? A ke a rapele. Na ho teng ya thabileng? A ke a bine difela.

14. Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena.

15. Thapelo e etswang ka tumelo e tla fodisa mobabi, mme o tla tsoswa diphateng ke Morena. Ha a entse dibe, o tla di tshwarelwa.

16. Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.

17. Elia e ne e le motho jwaloka rona. Empa o kile a rapela ka matla hore pula e se ke ya na, mme ya se ke ya na lefatsheng leo ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng.

18. A boela a rapela, yaba lehodimo le nesa pula, mme lefatshe la medisa dijalo.

19. Bana beso, ha e mong wa lona a fapohile nneteng, mme e mong a mo kgutlisitseng ho yona,

20. tsebang hore eo ya kgutlisitseng moetsadibe tseleng ya hae e fapohileng, o tla mo pholosa lefung, a be a etse hore dibe tse ngatangata di tshwarelwe.