BIBELE

Jakobo 3:5-10 BIBELE (SSO89SO)

5. Le leleme le jwalo. Le hoja e le setho se senyenyane, empa le ka ithorisa ka tse kgolo.Bonang kamoo tlhase ya mollo e hotetsang moru o moholo kateng!

6. Leleme le lona ke mollo. Hara ditho tsa rona, le ka lefatshe la bokgopo, hoo le silafatsang botho bohle ba rona, le hotetse bophelo bohle ba rona; le hoteditswe ka mollo wa dihele.

7. Mefuta yohle ya dibatana, ya dinonyana, ya dihahabi, le ya tse lewatleng, tsohle di ka thapiswa, ebile di thapisitswe ke bohlale ba motho,

8. empa ha e le leleme, ha ho motho le ya mong ya ka tsebang ho le thapisa. Le kgopo hoo le ke keng la laolwa, le tletse mahloko a bolayang.

9. Ka leleme re rorisa Morena, Ntata rona, mme ka lona re bile re rohaka batho bao e leng setshwantsho sa Modimo.

10. Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.