BIBELE

Jakobo 3:10-18 BIBELE (SSO89SO)

10. Molomong o le mong ho tswa thoriso le thohako. Bana beso, ha ho a lokela ho ba jwalo.

11. Na mohloding o le mong wa sediba ho ke ho kolle metsi a monate le metsi a babang?

12. Bana beso, na feiye e ka beha ditholwana tsa mohlwaare, kapa morara tsa feiye? Ka mokgwa o jwalo, ha ho sediba se ka kollang metsi a letswai le metsi a monate.

13. Ke mang hara lona, ya bohlale, ya nang le tsebo? Ka boitshwaro ba hae bo botle, a ke a bontshe hore mesebetsi ya hae e etswa ka boikokobetso bo dumellanang le bohlale.

14. Empa haeba ka dipelong tsa lona le na le lefufa le lebe le moya wa dikgang, le se ke la ithorisa, la senya nnete ka ho bua leshano.

15. Bohlale bo jwalo hase bo tswang hodimo, ke ba lefatshe, ba botho, ba bodemona.

16. Moo lefufa le dikgang di leng teng, ho na le meferefere le mesebetsi e kgopo.

17. Empa bohlale bo tswang hodimo, pele ho tsohle, bo hlwekile; hape bo na le kgotso le mosa, bo bonolo, bo tletse lereko le ditholwana tse molemo; ha bo na leeme, ha bo iketsise.

18. Ditholwana tsa ho loka di jalwa ka kgotso ke ba etsang kgotso.