BIBELE

Jakobo 2:17-26 BIBELE (SSO89SO)

17. Ka mokgwa o jwalo, tumelo e se nang mesebetsi e shwele shwi!

18. Empa e mong o tla re: “Wena o na le tumelo, nna ke na le mesebetsi.”Ako mpontshe tumelo ya hao e se nang mesebetsi, nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.

19. Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela.

20. Wena motho ya sethoto, na o rata ho tseba hore tumelo e se nang mesebetsi e nyopile?

21. Na ntata rona Aborahama ha a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a nyehelang ka mora wa hae Isaka aletareng?

22. O a bona he, tumelo e ne e tlatsana le mesebetsi ya Aborahama, le mesebetsi ya hae e ne e etsa hore tumelo ya hae e phethehe,

23. mme ho ile ha phethahala Mangolo a reng: “Aborahama o ile a dumela ho Modimo, mme hoo a ho ballwa e le ho loka,” a ba a bitswa motswalle wa Modimo.

24. Kahoo le a bona hore motho o lokafatswa ka mesebetsi, e seng ka tumelo feela.

25. Ho ile ha eba jwalo le ho Rahaba wa seotswa. Na ha a a ka a lokafatswa ka mesebetsi, mohla a amohelang dihlwela tsa Baiseraele, a ba a di kgutlisa ka tsela esele?

26. Efela jwalokaha mmele o se nang moya o shwele, le yona tumelo e se nang mesebetsi e shwele.