BIBELE

Jakobo 1:13-27 BIBELE (SSO89SO)

13. Ho se be motho, eo ekareng ha a le molekong, a re: “Ke lekwa ke Modimo.” Modimo ha a lekwe ke bobe, mme le yena ha a leke motho le ya mong.

14. Empa e mong le e mong o lekwa ha a hulwa, mme a hohelwa ke ditakatso tsa hae.

15. Jwale ha takatso e mpe e se e emere, e tswala sebe, mme ha sebe se se se phethehile, se tswala lefu.

16. Bana beso ba ratehang, le se ke la ithetsa.

17. Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.

18. Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.

19. Bana beso ba ratehang, tsebang hona: Motho ka mong eka kgona a utlwe kapele, empa a se ke a potlakela ho bua le ho halefa,

20. hobane motho ya halefileng a ke ke a etsa ho lokileng pela Modimo.

21. Ka baka leo, le lahle tsohle tse manyala le bokgopo bo fetisisang, mme ka boikokobetso le amohele lentswe la Modimo le jetsweng ka dipelong tsa lona, le nang le matla a ho le pholosa.

22. Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona.

23. Ha motho e le moutlwi wa lentswe la Modimo, empa e se mophethi wa lona, o tshwana le motho ya shebang tshobotsi ya hae ka seiponeng,

24. mme ere hoba a itjhebe, a ikele, a lebale hanghang hore o ne a le jwang.

25. Ya shebisisang molao o phethehileng wa tokoloho, ya pheellang ho wona, a sa fetohe moutlwi ya lebalang, empa e le mophethi wa mosebetsi, motho eo o tla fumana lehlohonolo ho seo a se etsang.

26. Ha motho a nahana hore ke morapedi, feela a sa tshware leleme la hae, a ithetsa, borapedi boo ba hae ke ba lefeela.

27. Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.