BIBELE

Esekiele 7:26-27 BIBELE (SSO89SO)

26. Koduwa di tla fihlellana, tsa bo-fuufu le tsona di fihlellane. Batho ba tla rata eka baporofeta ba ka ba bolella dipono, empa baprista ha ba sa tla ba ruta molao; le dikeletso tse tswang ho ba baholo di tla ba siyo.

27. Kgosi e tla lla, kgosana e aparelwe ke maswabi, matsoho a setjhaba a tla thothomela. Ke tla ba ahlola ho ya ka boitshwaro ba bona, ke ba ahlole ho ya kamoo ba ileng ba ahlola ba bang kateng. Jwale ba tla tseba hore ke nna Morena.”