BIBELE

Esekiele 7:11-23 BIBELE (SSO89SO)

11. Meferefere e fetohile thupa e otlang bokgopo; ha ho le ya mong wa bona le wa sehlopha sa bona ya tla phonyoha; ha ho maruo a tla sala leha e le ntho ya bohlokwa.

12. Nako e fihlile, letsatsi le atametse; moreki a se ke a thaba, kapa morekisi a lla, hobane setjhaba sohle se fihletswe ke kgalefo.

13. “Morekisi a ke ke a boela a lata seo a se rekisitseng, leha bobedi ba bona ba ntse ba phela, hobane setjhaba sohle se tla welwa ke kgalefo e ke keng ya hlola e sa kgutla. Ka baka la dibe tsa bona ha ho le ya mong wa bona ya tla pholoha.

14. Leha ba ka letsa terompeta, hore bohle ba itokise, ha ho le ya mong ya tla ya ntweng, hobane kgalefo ya ka e befetse mokgopi wohle.

15. “Sabole e kathoko ho motse, kahare ho wona ke lefu la sewa le sekoboto. Ba hara naha ba tla bolawa ka sabole, ba kahara motse ba bolawe ke sekoboto le ke lefu la sewa.

16. Bohle ba tla phonyoha ba tla balehela dithabeng, ba kuruetse sa maeba a dikgohlo, motho ka mong a llele dibe tsa hae.

17. Matsoho a bohle a tla kgathala, mangwele wohle a otlane ke letswalo.

18. Ba tla itlama matheka ka tse mahwashe, tshabo e ba wele hodimo, fahleho tsa bona di aparelwe ke dihlong, hlooho tsa bona di phumohe mafatla.

19. Ba tla akgela silefera ya bona diterateng, kgauta ya bona ba e nyonye. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona le kgauta ya bona di ke ke tsa ba lopolla; meya ya bona e ke ke ya kgotsofala, le mala a bona a ke ke a kgora letho, hobane tsena ke tsona tse ba dihetseng sebeng.

20. Ba ne ba ikgantsha ka mekgabiso ya bona e metle, eo ka yona ba ileng ba iketsetsa medingwana ya bona e nyonyehang. Ka baka lena, ke e fetotse ditshila.

21. Tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona e be lelobelo, le ho ba kgopo ba lefatshe lena e le kgapo ya bona, mme batho bana ba tla di silafatsa.

22. Ke tla ba furalla, mme ba tla silafatsa Tempele ya ka. Mashodu a tla kena ka ho yona, a e silafatse.

23. “Lokisang mahlaahlela, hobane naha yohle e tletse madi, hara motse ke moferefere.