BIBELE

Esekiele 6:6-14 BIBELE (SSO89SO)

6. Hohle moo le phelang teng metse e tla fetoha masupi, dibaka tsa lona tsa borapedi di heletswe, e le hore dialetare tsa lona di tle di senngwe, di sale di le feela. Medimo ya lona ya bohata e tla pshatlwa, e fele, difika tseo le di kgumamelang di heletswe, mme tsohle tseo le di entseng di fediswe.

7. Ditopo tsa babolauwa di tla rapalla hara lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena.

8. “ <Empa ke tla siya masalla, hobane ba bang ba lona ba tla phonyoha sabole, ha le qhalanyetswa hara dinaha le ditjhaba.

9. Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.

10. Ba tla tseba hore ke nna Morena, le hore ke ne ke sa ba tshose ha ke re ke tla dihela koduwa ena hodima bona.> ”

11. Morena Modimo o bua tjena: “Opang diatla, le tile ka maoto, le howeletse, le re: <Bomadimabe bona bo etsahala ka baka la mesebetsi e manyala ya ba ntlo ya Iseraele, hobane ba tla bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa!>

12. Ba hole ba tla bolawa ke lefu la sewa, ba haufi bona ba bolawe ka sabole, masalla a etseditsweng thibella a bolawe ke sekoboto. Ka mokgwa o jwalo ke tla phethahatsa kgalefo ya ka hodima bona.

13. Ke hona le tla tseba hore ke nna Morena, ha ditopo tsa babolauwa ba bona di rapaletse hara medingwana ya bona ya bohata, ho potapota dialetare tsa bona tse hodima maralla wohle a phahameng, le hodima ditlhoro tsa dithaba tsohle, le katlasa difate tsohle tse talana, le katlasa difate tsohle tse teng tsa eike, e leng dibaka tseo ho tsona ba neng ba tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate, ba o tjhesetsa medingwana ya bona ya bohata.

14. Ke tla otlolla letsoho la ka hodima bona, naha ke e fetole nanaola ho tloha lehwatateng le ka Borwa ho ya Ribela, hohle moo ba phelang teng. Ba tla tseba hore ke nna Morena.”