BIBELE

Esekiele 6:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

2. “Wena ngwana motho, tadima dithabeng tsa Iseraele, o di porofetele,

3. o re: <Lona dithaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Modimo. Morena Modimo o bua tjena ho dithaba le ho maralla, le ho dinoka le ho dikgohlo: Nna ka sebele sa ka, ke tla le bolaya ka sabole, mme ke fedise dibaka tsa lona tsa borapedi.

4. Dialetare tsa lona di tla heletswa, medimo ya lona ya bohata e pshatlwe, mme babolauwa ba lona ke ba akgele kapele ho medingwana eo ya lona.

5. Ditopo tsa Baiseraele di tla rapalatswa kapele ho medingwana eo ya bona, masapo a lona ke a qhalakanye ho potapota dialetare tsa lona.

6. Hohle moo le phelang teng metse e tla fetoha masupi, dibaka tsa lona tsa borapedi di heletswe, e le hore dialetare tsa lona di tle di senngwe, di sale di le feela. Medimo ya lona ya bohata e tla pshatlwa, e fele, difika tseo le di kgumamelang di heletswe, mme tsohle tseo le di entseng di fediswe.

7. Ditopo tsa babolauwa di tla rapalla hara lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena.

8. “ <Empa ke tla siya masalla, hobane ba bang ba lona ba tla phonyoha sabole, ha le qhalanyetswa hara dinaha le ditjhaba.