4. Ebe jwale o nka diqoba tse ding hape, o di akgela mollong, wa di tjhesa. Mollo o tla qhoma o etswa ho tsona, ebe o tjhesa bohle ba ntlo ya Iseraele.”
5. Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke yona Jerusalema, eo ke e beileng bohareng ba ditjhaba, e potapotilweng ke dinaha.
6. Empa ka baka la bokgopo ba yona e fetohetse melao ya ka le ditaelo tsa ka ho feta ditjhaba tsohle le dinaha tsohle tse e potapotileng. Jerusalema e lahlile melao ya ka, ha e a latela ditaelo tsa ka.”
7. Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Wena Jerusalema, o mphetohetse ho feta ditjhaba tse o potapotileng, ha o a tsamaya ka melao ya ka, ha o a boloka ditaelo tsa ka, ha o a ya le ka melao ya ditjhaba tse o potapotileng.”
8. Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Bona, Jerusalema, le nna ke a o lwantsha, mme ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao moo ditjhaba tsena di ntseng di bona.
9. Ka lebaka la manyala ana a hao, ke tla o etsa seo ke esong ho se etse, seo nke keng ka hlola ke se etsa.
10. Bo-ntata ba ahileng Jerusalema ba tla ja bara ba bona, mme bara le bona ba je bo-ntata bona. Ke tla phethahatsa kahlolo ya ka hodima hao, mme masalla a hao ke a qhalanyetse hohle lefatsheng.
11. “Ka baka leo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo: Kahobane o silafaditse Sehalalelo sa ka ka medimo ya hao e nyonyehang, le ka manyala wohle a hao, ke tla o fedisa; nke ke ka hlola ke o hauhela, kapa hona ho o utlwela bohloko.
12. Karolo e nngwe ya dikarolo tse tharo tsa setjhaba sa hao, e tla bolawa ke lefu la sewa le ke sekoboto; karolo ya bobedi e bolawe ka sabole kathoko ho marako a hao, mme karolo ya boraro e qhalanele hohle lefatsheng, e phaladiswa ka sabole.
13. “Bohale ba ka bo tla fela, mme kgalefo eo ke neng ke ba halefetse ka yona e kokobele, hobane ke tla be ke ipheteditse. Ha ke phethahaditse kgalefo ya ka hodima bona, ba tla tseba hore ke nna Morena, ya buileng ka tjheseho.
14. “Ke tla o etsa lesupi, o fetohe sekgobo ho ditjhaba tse o potapotileng, le mahlong a bohle ba fetang ka tsela.
15. Mohla ke phethahatsang kahlolo ya ka hodima hao ka bohale, ke o kgalemela, ke halefile, o tla fetoha sekgobo, o nyedisehe; o be thuto le sesomo ho ditjhaba tsohle tse o potapotileng. Nna Morena ke buile.