BIBELE

Esekiele 48:1-20 BIBELE (SSO89SO)

1. “Ana ke mabitso a merabe. Moedi wa naha ya Dane o tla tloha ka leboya, o ye lebopong la lewatle, ka tsela e lebang Hetelone, ha motho a eya Hamate le Hasere-Enane, o yo fihla moeding o ka leboya wa Damaseka, lekgalong la Hamate. Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela Dane o tla abelwa karolo e le nngwe ya naha.

2. “Naha eo ya Dane e tla sehelana moedi le ya Ashere;

3. naha ya Ashere e sehelane moedi le ya Nafthali;

4. naha ya Nafthali e sehelane moedi le ya Manase;

5. naha ya Manase e sehelane moedi le ya Efraime;

6. naha ya Efraime e sehelane moedi le ya Rubene;

7. naha ya Rubene e sehelane moedi le ya Juda.

8. “Ho tloha botjhabela ho ya bophirimela, naha e sehelaneng moedi le ya Juda ke naha eo le tla e kgethela Morena. Bolelele ba yona ho tloha botjhabela ho ya bophirimela bo tla lekana le bophara ba yona ho tloha leboya ho ya borwa, e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo jwaloka dikarolo tsa naha tse abetsweng merabe. Sehalalelo se tla ba bohareng ba yona.

9. “Bolelele ba karolo e tla abelwa Morena e tla ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, bophara ba yona e be dikilomethara tse leshome.

10. Karolo ya sebaka sena se halalelang e tla ba naha ya baprista. Bolelele ba yona, ho tloha botjhabela ho ya bophirimela e tla ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo; ka borwa bophara ba yona, ho tloha leboya ho ya borwa, e be dikilomethara tse hlano. Sehalalelo sa Morena se tla ba bohareng ba yona.

11. Sebaka sena e tla ba sa baprista ba tlotsitsweng, bao e leng ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba boloka taelo ya ka, ba sa kang ba kgeloha ha bana ba Iseraele ba kgeloha, jwalokaha Balevi ba ile ba kgeloha.

12. Naha ena eo ba tla e newa, ho bona e tla ba mpho e halalelang haholo, mme e tla sehelana moedi le naha ya Balevi.

13. “Balevi le bona ba tla ba le naha e ikgohlileng ka ya baprista. Bolelele ba yona e tla ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi, bophara e be dikilomethara tse hlano.

14. Naha ena ke e ntlehadi, mme ha ba a lokela ho e rekisa, kapa ho e ananya, kapa ho e nea motho e mong, hobane ke naha e halalelang ya Morena.

15. “Karolo e setseng, e etsang bolelele ba dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, le bophara ba dikilomethara tse pedi le halofo, yona hase e halalelang, mme ke e tla sebediswa ke setjhaba ho haha metse, matlo a bodulo le ho etsa makgulo. Motse o tla ba bohareng ba karolo ena.

16. Ditekanyo tsa motse e tla ba tsena: Bolelele ba wona bo tla lekana le bophara ba wona, e be dimethara tse dikete tse pedi le makgolo a mabedi le mashome a mahlano.

17. Makgulo a potapotileng motse a tla lekana ka bolelele le ka bophara, e be dimethara tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e mehlano.

18. Sebaka se setseng, se sehelanang moedi le karolo e halalelang, seo ka botjhabela se tla etsa dikilomethara tse hlano, le ka bophirimela se etse dikilomethara tse hlano, e tla ba masimo, mme tse kotulwang ho sona e be tsa baahi ba motse.

19. Basebeletsi ba motse e tla ba ba merabe yohle ya Iseraele.

20. “Ditekanyo tsa sebaka se bohareng ba karolo e kgethehileng di tla lekana, bolelele le bophara ba sona e be dikilomethara tse leshome le metso e mmedi le halofo, ho se ho balellwa le sebaka seo motse o hahilweng ho sona.