BIBELE

Esekiele 47:9-13 BIBELE (SSO89SO)

9. “Hohle moo noka a phallelang teng ho tla phela dibopuwa ka mefuta yohle ya tsona. Ho tla ba le boiyane ba ditlhapi, hobane metsi ao a phallelang lewatle a hlapolla letswai, ebe metsi a lewatle a a hlweka. Kahoo hohle moo metsi a phallelang teng, dibopuwa tsohle di tla phela.

10. Batshwasi ba ditlhapi ba tla ema lebopong la lewatle ho tloha Ene-Gedi ho ya fihla Ene-Egelaime. Ho tla ba le moo ba anehang matlowa teng. Ditlhapi tsa teng e tla ba tsa mefuta yohle, tse tshwanang le tsa Lewatle le Leholo.

11. Empa metsi a mekgwabo le a mehlaka a ke ke a hlapoloha, a tla nne a be letswai.

12. Difate tsa mefuta yohle tsa ditholwana di tla mela mabopong a noka. Mahlaku a tsona a ke ke a pona, di tla beha ditholwana kamehla. Di tla beha ka kgwedi e nngwe le e nngwe, hobane di nwesetswa ke metsi a tswang Sehalalelong. Ditholwana tsa tsona di tla jewa, mahlaku a tsona a phekole.”

13. Morena Modimo o bua tjena: “Ena ke meedi eo ka yona le tla arolela merabe e leshome le metso e mmedi ya Iseraele naha, hore e be lefa. Josefa yena o tla abelwa dikarolo tse pedi.