BIBELE

Esekiele 47:1-6 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba monna eo o nkgutlisetsa monyako wa Tempele, mme ka bona metsi a phalla, a etswa katlase ho monyako wa Tempele, a phallela botjhabela, kaha Tempele e ne e tadimile botjhabela. Metsi a ne a phalla a etswa katlasa lehlakore le ka borwa ho monyako wa Tempele, ka borwa ho aletare.

2. Jwale a nntsha ka kgoro e ka leboya, a mpotisa kantle ho ya fihla kgorong e kantle, e tadimileng botjhabela, mme metsi a ne a phalla, a etswa ka lehlakoreng le ka borwa.

3. Monna eo a leba botjhabela, ka letsohong la hae a tshwere kgwele e methang. Yaba o metha dimethara tse makgolo a mahlano, a nto ntshedisa metsing a neng a fihla maqaqailaneng.

4. A boela a metha dimethara tse makgolo a mahlano, a ntshedisa metsing a neng a se a fihla mangweleng. A metha hape dimethara tse makgolo a mahlano, a ntshedisa metsing a neng a se a fihla thekeng.

5. A boela a metha dimethara tse makgolo a mahlano. Jwale e ne e se e le noka eo motho a ke keng a e tshela, hobane metsi a ne a se a kokomohile, a le mangata hoo motho a ka sesang kahara wona, e se e le noka eo motho a ke keng a e tshela.

6. Yaba o re ho nna: “Wena ngwana motho, na tsee o a di bona?”Jwale a nkgutlisetsa lebopong la noka.