BIBELE

Esekiele 46:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. Kgosana e busang e tla kena ka lethule le kantle la kgoro eo, ebe e ema pela ditshiya tsa kgoro. Baprista ba tla e etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. Kgosana e tla kgumama lethuleng la kgoro, e nto tswa, empa kgoro ha e ka ke ya kwalwa ho fihlela mantsiboya.

3. Ka mokgwa o jwalo, ka Disabatha le ha kgwedi e thwasitse, setjhaba se tla kgumamela Morena se le monyako wa kgoro.

4. “ <Ka letsatsi la Sabatha nyehelo ya setjheso eo kgosana e tla e etsetsa Morena, e tla ba dikonyana tse tsheletseng tse se nang sepha, le pheleu e se nang sepha.

5. Bakeng sa pheleu ka nngwe eo ho nyehelwang ka yona, kgosana e tla etsa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng; bakeng sa konyana ka nngwe eo ho nyehelwang ka yona kgosana e tla etsa nyehelo ya dijo kamoo e ka ratang kateng, e be e etse le nyehelo ya dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare bakeng sa nyehelo ka nngwe ya dijo.

6. Mohla kgwedi e thwasitseng, kgosana e tla nyehela ka pohwana e se nang sepha, le ka dikonyana tse tsheletseng, tse se nang sepha, le ka pheleu e se nang sepha.

7. Bakeng sa pohwana eo ho nyehelwang ka yona, kgosana e tla etsa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng, le bakeng sa pheleu eo ho nyehelwang ka yona e etse nyehelo e kaalo. Bakeng sa dikonyana tseo ho nyehelwang ka tsona e tla etsa nyehelo ya dijo kamoo e ka ratang kateng, e be e etse le nyehelo ya dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare bakeng sa nyehelo ka nngwe ya dijo.

8. Ha kgosana e kena, e tla kena ka lethule la kgoro, mme ha e etswa, e tswe ka lona lethule leo.

9. “ <Ha setjhaba se etla pela Morena, mohla mekete e halalelang, motho ya keneng ka kgoro e ka leboya ho tla kgumamela Morena, ha a etswa o tla tswa ka kgoro e ka borwa; ya keneng ka kgoro e ka borwa, ha a etswa o tla tswa ka kgoro e ka leboya. Ha ho motho ya tla tswa ka kgoro eo a keneng ka yona; e mong le e mong o tla tswa ka kgoro e tadimaneng le eo a keneng ka yona.

10. Ha setjhaba se kena, kgosana le yona e tla kena, ha se etswa, le yona e tswe.

11. “ <Mohla mekete e halalelang le e kgethehileng, bakeng sa pohwana eo ho nyehelwang ka yona ho tla etswa le nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng; le bakeng sa pheleu eo ho nyehelwang ka yona ho tla etswa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng. Empa bakeng sa nyehelo ya dikonyana ho tla etswa nyehelo ya dijo ho ya kamoo motho a ka ratang kateng, ho be ho etswe le nyehelo ya dilethara tse tharo tsa ole ya mohlwaare bakeng sa dijo tse etsang boima ba dikilo tse leshome le metso e tsheletseng.

12. Ha kgosana e etsetsa Morena nyehelo ya boithaopo, e ka ba nyehelo ya setjheso kapa nyehelo ya teboho, kgosana e tla bulelwa kgoro e ka botjhabela, ebe e etsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya yona ya teboho jwalokaha e etsa ka letsatsi la Sabatha. Ha e qetile e tla tswa, ebe kgoro e a kwalwa.

13. “ <Ka letsatsi le leng le le leng, hoseng ho hong le ho hong, o tla nyehella Morena ka konyana e nang le selemo, e se nang sepha, e leng nyehelo ya setjheso.

14. Hoseng ho hong le ho hong o tla etsa nyehelo ya dijo tse etsang boima ba dikeramo tse pedi, le ya lethara ya ole e tla duba phofo e thumisehileng ya nyehelo. Nyehelo ena ya dijo e etsetswang Morena, ke taelo ya kamehla yohle.