BIBELE

Esekiele 45:9-23 BIBELE (SSO89SO)

9. “ <Morena Modimo o re: Ho lekane lona mahosana a Iseraele! Fedisang dikgoka le kgatello, le etse se lokileng le se nepahetseng. Kgaotsang ho tlatlapa setjhaba sa ka, ho rialo Morena Modimo.

10. “ <Le be le sekala se nepahetseng, le seroto se nepahetseng, le moritshwana o nepahetseng.

11. Seroto le moritshwana di lekane, e nngwe le e nngwe ya tsona e kene haleshome morifing oo ho lekanngwang ka wona.

12. “ <Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; digera tse sekete le makgolo a mabedi ke mina e le nngwe.

13. “ <Nyehelo eo le tla e etsa ke ena: Seroto se le seng ho tse mashome a tsheletseng tsa koro le seroto se le seng ho tse mashome a tsheletseng tsa harese.

14. Nyehelo ya ole e be lefiswana ho a lekgolo.

15. Mohlapeng wa dinku tse makgolo a mabedi, o tswang makgulong a nonneng a naha ya Iseraele, le tla nyehela ka konyana e le nngwe. Ka tsena tsohle le tla etsa nyehelo ya dijo, nyehelo ya setjheso, nyehelo ya teboho, le nyehelo ya tefelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.

16. “ <Setjhaba sohle sa naha se tla etsetsa kgosana ya Iseraele nyehelo ena.

17. Kgosana yona e tla etsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino, mohla mokete, le ha kgwedi e thwasitse, le ka matsatsi a Disabatha, le meketeng yohle e halalelang ya ba ntlo ya Iseraele. Kgosana e tla lokisa nyehelo ya sebe, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho ho etsetsa ba ntlo ya Iseraele tefelo ya sebe.> ”

18. “ <Morena Modimo o bua tjena: Ka letsatsi la pele la kgwedi ya pele, o tla nka pohwana e se nang sepha, o hlwekise Sehalalelo.

19. Moprista o tla nka madi a phoofolo ya nyehelo e tlosang sebe, mme ka wona a tlotse dikosene tsa menyako ya Tempele, le manakana a mane a mohaolwana wa aletare, le dikosene tsa kgoro ya lebala le kahare.

20. Ka letsatsi la bosupa la kgwedi, o tla etsa jwalo bakeng sa e mong le e mong ya entseng sebe ka baka la bofokodi kapa ka baka la ho se tsebe. Ka mokgwa o jwalo le tla etsetsa Tempele pheko.

21. “ <Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya pele, le tla etsa mokete wa Paseka, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang.

22. Ka lona letsatsi leo, kgosana e tla nka pohwana, e iketsetse nyehelo e tlosang sebe, e be e etsetse le setjhaba sohle sa naha.

23. Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng a mokete, kgosana e tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso ka dipohwana tse supileng tse se nang sepha, le ka dipheleu tse supileng tse se nang sepha. Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, e nke potsanyane, e etse nyehelo e tlosang sebe.