BIBELE

Esekiele 44:24-31 BIBELE (SSO89SO)

24. “ <Nyeweng e nngwe le e nngwe baprista e tla ba bona baahlodi, mme ba tla diha nyewe ho ya ka melao ya ka. Ba tla boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka diphuthehong tsohle, ba halaletse Disabatha tsa ka.

25. “ <Moprista a se ke a itshilafatsa ka ho atamela pela setopo, haese feela setopo sa ntatae, kapa sa mmae, kapa sa mora wa hae, kapa sa moradi wa hae, kapa sa ngwanabo, kapa sa kgaitsedie e sa nyalwang. Tsena a ka itshilafatsa ka tsona.

26. Hoba a hlwekiswe, o tla ballwa matsatsi a supileng,

27. mme mohla a kenang ka lebaleng le kahare la Sehalalelo ho ya sebeletsa, o tla iketsetsa nyehelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.

28. “ <Baprista ba se ke ba eba le lefa le leng; ke nna feela lefa la bona. Le se ke la ba nea leruo naheng ya Iseraele; ke nna feela leruo la bona.

29. Ba tla ja nyehelo ya dijo, le mahlabelo, le nyehelo ya sebe, le nyehelo ya tefelo ya sebe, mme dintho tsohle tse kgethetsweng Morena naheng ya Iseraele, e tla ba tsa bona.

30. Dilopotsiya tsohle le dinyehelo tsohle, le mefuta yohle ya dinyehelo, e tla ba tsa baprista. Le tla ba nea hlama ya lona ya pele, malapa a lona a tle a hlohonolofatswe.

31. Baprista ba se ke ba eja letho le itjhweletseng ka bolona, kapa le harotsweng ke dibatana, ebang ke nonyana kapa phoofolo.