BIBELE

Esekiele 44:18-31 BIBELE (SSO89SO)

18. Ba tla rwala dituku tsa lene dihloohong tsa bona, ba tene le marikgwe a lene. Ba ke ke ba apara eng kapa eng e ka ba fufuletsang.

19. Ha ba tswela lebaleng le kantle, moo setjhaba se leng hona teng, ba tla hlobola diaparo tseo ba neng ba di apere ha ba sebeletsa, ba di siye ka dikamoreng tse halalelang, ba apare disele, e le hore ba se ke ba tlisetsa setjhaba bomadimabe ha se ka ama diaparo tseo tsa bona.

20. “ <Ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, kapa ba hodisa moriri wa bona, ba mpe ba o fokotse feela.

21. Ho se be moprista ya tla nwa veine ha a kena ka lebaleng le kahare.

22. Ba se ke ba nyala bahlolohadi kapa basadi ba hladilweng, empa ba nyale barwetsana bao e leng ditloholo tsa bana ba Iseraele, kapa bahlolohadi ba baprista.

23. “ <Baprista ba tla ruta setjhaba sa ka phapano pakeng tsa ntho e halalelang le e sa halaleleng, mme ba etse hore ba kgetholle e sa hlwekang ho e hlwekileng.

24. “ <Nyeweng e nngwe le e nngwe baprista e tla ba bona baahlodi, mme ba tla diha nyewe ho ya ka melao ya ka. Ba tla boloka melao ya ka le ditaelo tsa ka diphuthehong tsohle, ba halaletse Disabatha tsa ka.

25. “ <Moprista a se ke a itshilafatsa ka ho atamela pela setopo, haese feela setopo sa ntatae, kapa sa mmae, kapa sa mora wa hae, kapa sa moradi wa hae, kapa sa ngwanabo, kapa sa kgaitsedie e sa nyalwang. Tsena a ka itshilafatsa ka tsona.

26. Hoba a hlwekiswe, o tla ballwa matsatsi a supileng,

27. mme mohla a kenang ka lebaleng le kahare la Sehalalelo ho ya sebeletsa, o tla iketsetsa nyehelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.

28. “ <Baprista ba se ke ba eba le lefa le leng; ke nna feela lefa la bona. Le se ke la ba nea leruo naheng ya Iseraele; ke nna feela leruo la bona.

29. Ba tla ja nyehelo ya dijo, le mahlabelo, le nyehelo ya sebe, le nyehelo ya tefelo ya sebe, mme dintho tsohle tse kgethetsweng Morena naheng ya Iseraele, e tla ba tsa bona.

30. Dilopotsiya tsohle le dinyehelo tsohle, le mefuta yohle ya dinyehelo, e tla ba tsa baprista. Le tla ba nea hlama ya lona ya pele, malapa a lona a tle a hlohonolofatswe.

31. Baprista ba se ke ba eja letho le itjhweletseng ka bolona, kapa le harotsweng ke dibatana, ebang ke nonyana kapa phoofolo.