BIBELE

Esekiele 44:1-5 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba monna eo o nkgutlisetsa kgorong e kantle ho Sehalalelo, e shebileng botjhabela. Kgoro eo e ne e kwetswe.

2. Morena a re ho nna: “Kgoro ena e tla dula e kwetswe; e ke ke ya ba ya bulwa, mme ha ho motho ya tla kena ka yona. E tla dula e kwetswe, hobane Morena Modimo wa Iseraele o kena ka yona.

3. Ke kgosana feela e tla dula kahare ho yona, e jele dijo tsa yona pontsheng ya Morena. E tla kena ka tsela ya lethule la kgoro, e be e tswe ka yona.”

4. Jwale monna eo a nkisa kapele ho Tempele, ra ya ka tsela ya kgoro e ka leboya. Ka tadima, mme ka bona tlotla ya Morena e tlala ka Tempeleng ya Morena; yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.

5. Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, ela hloko, o tadimisise, mme o mamedisise tsohle tseo ke o bolellang tsona, e leng ditaelo tsohle tsa Tempele ya Morena, le melao yohle ya yona. Ela hloko hore na ke bo-mang ba dumeletsweng ho kena ka Tempeleng, le ka Sehalalelong, le ba sa dumellwang ho etsa jwalo.