BIBELE

Esekiele 43:7-21 BIBELE (SSO89SO)

7. Enwa a re ho nna: “Wena ngwana motho, sebaka sena ke sa terone ya ka le sa bonamelo ba maoto a ka. Mona ke moo ke tla phela teng hara bana ba Iseraele kamehla. Baiseraele kapa dikgosi tsa bona ba ke ke ba hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka bootswa ba bona kapa ka ho epela ditopo tsa dikgosi tsa bona mabitleng a tsona.

8. Mohla monyako wa bona o bang pela monyako wa ka, le dikosene tsa monyako wa bona di eba pela dikosene tsa monyako wa ka, ke arohantswe le bona ke lerako feela, ke mohla ba silafatsang lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka manyala ao ba a entseng. Kahoo ke ile ka ba timetsa ke halefile.

9. Jwale a ba ke ba tlose bootswa ba bona le ditopo tsa dikgosi tsa bona pela ka, mme ke tla dula hara bona kamehla yohle.

10. “Wena ngwana motho, hlalosetsa Baiseraele tsa Tempele ena, dibe tsa bona di tle di ba hlabise dihlong. Etsa hore ba lekanye moralo wa yona.

11. Haeba ba hlajwa ke dihlong ka baka la tsohle tseo ba di entseng, o ba hlalosetse moralo wa Tempele, kamoo e hahilweng kateng: Menyako ya yona e tswelang kantle le e kenang kahare, le meralo ya yona yohle, le ditaelo tsa yona tsohle, le melao ya yona yohle. O ngole tsena tsohle moo ba ntseng ba bona, e le hore ba tle ba boloke ditaelo tsa yona tsohle, mme ba di phethe ka botshepehi.

12. “Ona ke molao o amanang le Tempele: Sebaka sohle se e potapotileng, se kahodima thaba, ke sebaka se halalelang ka ho fetisisa. Ona ke wona molao o amanang le Tempele.

13. “Tsena ke ditekanyo tsa aletare ka dimethara tseo ho methilweng Tempele ka tsona. Mosele o potapotileng aletare fatshe o ne o etsa botebo ba halofo ya methara le bophara ba halofo ya methara; bophara ba mohaolwana o potapotileng aletare bo ne bo etsa disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Bona ke bophahamo ba aletare:

14. Bophahamo ba karolo e katlasetlase ya aletare, ho tloha kahodimo ho ya fatshe, e ne e le methara feela. Karolo e nngwe e ne e suthile dintshing tsa aletare ka halofo ya methara ho potoloha, bophahamo e le dimethara tse pedi. Karolo e latelang ena le yona e ne e suthile dintshing tsa aletare ka halofo ya methara ho potoloha.

15. Bophahamo ba karolwana e kahodimo, eo mahlabelo a neng a tjhesetswa hodima yona, le bona e ne e le dimethara tse pedi. Manaka a dihukung tse nne tsa aletare a ne a phahametse dikarolo tsohle tsa yona.

16. Bolelele le bophahamo ba aletare kahodimo bo ne bo lekana, e le dimethara tse tsheletseng.

17. Bolelele le bophara ba karolo e hare ya aletare le bona bo ne bo lekana, e le dimethara tse supileng, ho ena le mohaolwana o dintshing tsa aletare, bophahamo ba wona e le disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Mehato e hlwellang aletareng e ne e le ka botjhabela.”

18. Yaba monna eo o re ho nna: “Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena: Tsena ke ditaelo tse amanang le aletare, mohla ba e hahang ho etsetsa dinyehelo tsa setjheso hodima yona, le ho fafatsa madi hodima yona.

19. O tla nyehela ka pohwana bakeng sa sebe, o e nee baprista, e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba atamelang ho tla sebeletsa kapele ho nna, ho rialo Morena Modimo.

20. O tla nka madi a yona, o tlotse manaka a mane a aletare, le dihuku tse nne tsa mohaolwana o kahodimo ho aletare, le ho potoloha dintshi tsa yona. O tla e hlwekisa ka mokgwa o jwalo, o etsetse tefelo ya sebe hodima yona.

21. O tla nka le pohwana ya nyehelo ya sebe, o e tjhesetse sebakeng se kgethetsweng hona sa Tempele, se kantle ho Sehalalelo.