BIBELE

Esekiele 43:13-27 BIBELE (SSO89SO)

13. “Tsena ke ditekanyo tsa aletare ka dimethara tseo ho methilweng Tempele ka tsona. Mosele o potapotileng aletare fatshe o ne o etsa botebo ba halofo ya methara le bophara ba halofo ya methara; bophara ba mohaolwana o potapotileng aletare bo ne bo etsa disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Bona ke bophahamo ba aletare:

14. Bophahamo ba karolo e katlasetlase ya aletare, ho tloha kahodimo ho ya fatshe, e ne e le methara feela. Karolo e nngwe e ne e suthile dintshing tsa aletare ka halofo ya methara ho potoloha, bophahamo e le dimethara tse pedi. Karolo e latelang ena le yona e ne e suthile dintshing tsa aletare ka halofo ya methara ho potoloha.

15. Bophahamo ba karolwana e kahodimo, eo mahlabelo a neng a tjhesetswa hodima yona, le bona e ne e le dimethara tse pedi. Manaka a dihukung tse nne tsa aletare a ne a phahametse dikarolo tsohle tsa yona.

16. Bolelele le bophahamo ba aletare kahodimo bo ne bo lekana, e le dimethara tse tsheletseng.

17. Bolelele le bophara ba karolo e hare ya aletare le bona bo ne bo lekana, e le dimethara tse supileng, ho ena le mohaolwana o dintshing tsa aletare, bophahamo ba wona e le disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Mehato e hlwellang aletareng e ne e le ka botjhabela.”

18. Yaba monna eo o re ho nna: “Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena: Tsena ke ditaelo tse amanang le aletare, mohla ba e hahang ho etsetsa dinyehelo tsa setjheso hodima yona, le ho fafatsa madi hodima yona.

19. O tla nyehela ka pohwana bakeng sa sebe, o e nee baprista, e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba atamelang ho tla sebeletsa kapele ho nna, ho rialo Morena Modimo.

20. O tla nka madi a yona, o tlotse manaka a mane a aletare, le dihuku tse nne tsa mohaolwana o kahodimo ho aletare, le ho potoloha dintshi tsa yona. O tla e hlwekisa ka mokgwa o jwalo, o etsetse tefelo ya sebe hodima yona.

21. O tla nka le pohwana ya nyehelo ya sebe, o e tjhesetse sebakeng se kgethetsweng hona sa Tempele, se kantle ho Sehalalelo.

22. “Ka letsatsi la bobedi o tla nyehela ka phooko e se nang sepha, e le nyehelo ya sebe, mme ba tla hlwekisa aletare jwalokaha ba e hlwekisitse ka pohwana.

23. Ha o qetile ho e hlwekisa, o tla nyehela ka pohwana e se nang sepha, le ka pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hao.

24. O tla nyehela ka tsona kapele ho Morena, baprista ba di fafatse ka letswai, ba di hlabe e le nyehelo ya setjheso ho Morena.

25. “Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, o tla nyehela ka phooko e le nyehelo ya sebe; hape ba tla nyehela ka pohwana le ka pheleu tse tswang mohlapeng, bobedi ba tsona e be tse se nang sepha.

26. Ka matsatsi a supileng ba tla etsetsa aletare tefelo ya sebe, ba e hlwekise, mme ba tla e halaletsa ka mokgwa o jwalo.

27. Qetellong ya matsatsi ana, ho tloha ka letsatsi la borobedi, baprista ba tla etsetsa dinyehelo tsa lona tsa setjheso le dinyehelo tsa lona tsa teboho hodima aletare, mme ke tla le amohela, ho rialo Morena Modimo.”