BIBELE

Esekiele 43:13-25 BIBELE (SSO89SO)

13. “Tsena ke ditekanyo tsa aletare ka dimethara tseo ho methilweng Tempele ka tsona. Mosele o potapotileng aletare fatshe o ne o etsa botebo ba halofo ya methara le bophara ba halofo ya methara; bophara ba mohaolwana o potapotileng aletare bo ne bo etsa disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Bona ke bophahamo ba aletare:

14. Bophahamo ba karolo e katlasetlase ya aletare, ho tloha kahodimo ho ya fatshe, e ne e le methara feela. Karolo e nngwe e ne e suthile dintshing tsa aletare ka halofo ya methara ho potoloha, bophahamo e le dimethara tse pedi. Karolo e latelang ena le yona e ne e suthile dintshing tsa aletare ka halofo ya methara ho potoloha.

15. Bophahamo ba karolwana e kahodimo, eo mahlabelo a neng a tjhesetswa hodima yona, le bona e ne e le dimethara tse pedi. Manaka a dihukung tse nne tsa aletare a ne a phahametse dikarolo tsohle tsa yona.

16. Bolelele le bophahamo ba aletare kahodimo bo ne bo lekana, e le dimethara tse tsheletseng.

17. Bolelele le bophara ba karolo e hare ya aletare le bona bo ne bo lekana, e le dimethara tse supileng, ho ena le mohaolwana o dintshing tsa aletare, bophahamo ba wona e le disenthimethara tse mashome a mabedi a metso e mehlano. Mehato e hlwellang aletareng e ne e le ka botjhabela.”

18. Yaba monna eo o re ho nna: “Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena: Tsena ke ditaelo tse amanang le aletare, mohla ba e hahang ho etsetsa dinyehelo tsa setjheso hodima yona, le ho fafatsa madi hodima yona.

19. O tla nyehela ka pohwana bakeng sa sebe, o e nee baprista, e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba atamelang ho tla sebeletsa kapele ho nna, ho rialo Morena Modimo.

20. O tla nka madi a yona, o tlotse manaka a mane a aletare, le dihuku tse nne tsa mohaolwana o kahodimo ho aletare, le ho potoloha dintshi tsa yona. O tla e hlwekisa ka mokgwa o jwalo, o etsetse tefelo ya sebe hodima yona.

21. O tla nka le pohwana ya nyehelo ya sebe, o e tjhesetse sebakeng se kgethetsweng hona sa Tempele, se kantle ho Sehalalelo.

22. “Ka letsatsi la bobedi o tla nyehela ka phooko e se nang sepha, e le nyehelo ya sebe, mme ba tla hlwekisa aletare jwalokaha ba e hlwekisitse ka pohwana.

23. Ha o qetile ho e hlwekisa, o tla nyehela ka pohwana e se nang sepha, le ka pheleu e se nang sepha, e tswang mohlapeng wa hao.

24. O tla nyehela ka tsona kapele ho Morena, baprista ba di fafatse ka letswai, ba di hlabe e le nyehelo ya setjheso ho Morena.

25. “Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, o tla nyehela ka phooko e le nyehelo ya sebe; hape ba tla nyehela ka pohwana le ka pheleu tse tswang mohlapeng, bobedi ba tsona e be tse se nang sepha.