BIBELE

Esekiele 4:6-14 BIBELE (SSO89SO)

6. “Ha o se o qetile matsatsi ana, o tla boela o paqama hape ka lehlakore la letsoho le letona, o jare bokgopo ba ntlo ya Juda ka matsatsi a mashome a mane. Letsatsi ka leng le tla lekana le selemo se le seng sa dilemo tseo ba entseng bokgopo ka tsona.

7. “O shebe thibella e etseditsweng Jerusalema, ebe o porofetela Jerusalema letsoho la hao le le phollatsi.

8. Ke tla o tlama ka mehala, e le hore o sitwe ho phethohela ka lehlakoreng lefe kapa lefe, ho fihlela o qeta matsatsi a thibella ena ya hao.

9. “Nka koro le harese le dinawa le dierekise le rokgo le mabele, o di tshele ka pitseng, mme ka tsona o iketsetse bohobe boo o tla bo ja ka matsatsi ana a makgolo a mararo le mashome a robong, ha o ntse o paqame ka lehlakore.

10. Ka letsatsi o tla ja bohobe bo etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo ka nako e lokelang.

11. Ka letsatsi o tla nwa metsi a ka lekanang mohotswana.

12. O tla ja diphaphatha tsa harese, o di apehe ka kgapane ya masepa a motho, moo ba ntseng ba o bona.”

13. Morena a re: “Ka mokgwa o tjena bana ba Iseraele ba tla ja dijo tse silafaditsweng dinaheng tsa baditjhaba, tseo ke tla ba lelekela ho tsona.”

14. Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.”