BIBELE

Esekiele 4:12-17 BIBELE (SSO89SO)

12. O tla ja diphaphatha tsa harese, o di apehe ka kgapane ya masepa a motho, moo ba ntseng ba o bona.”

13. Morena a re: “Ka mokgwa o tjena bana ba Iseraele ba tla ja dijo tse silafaditsweng dinaheng tsa baditjhaba, tseo ke tla ba lelekela ho tsona.”

14. Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.”

15. Morena a re ho nna: “Bona, ke o neile kgapane ya bolokwe ba kgomo bakeng sa kgapane ya masepa a motho, hore o apehe dijo tsa hao ka yona.”

16. A boela a re ho nna: “Bona mona, wena ngwana motho, ke tla fokotsa dijo Jerusalema. Batho ba tla ja ka tekanyo le ka tlhokomelo; le metsi ba a nwe ka tekanyo, ba tsielehile.

17. Dijo le metsi di tla fokotseha, motho a tshohe ha a bona motho e mong, hobane e tla be e se e le bo-masatswane feela, ka baka la bokgopo ba bona.