BIBELE

Esekiele 39:14-29 BIBELE (SSO89SO)

14. “ <Etlare ha ho fetile dikgwedi tse supileng ho kgethwe banna ba tla potoloha le naha yohle, ho batla ditopo tse rapaletseng hara naha, ba di epele, e le hore naha e tle e hlweke.

15. Ha ba ntse ba tsamaya hara naha jwalo, mme e mong a bona lesapo la motho, o tla hloma mokolokotwane hona moo, ho fihlela ba tjhekang mabitla ba le epela ka kgohlong ya Hamone-Gogo.

16. Lebitso la motse le lona e tla ba Hamone. Ba tla hlwekisa naha jwalo.>

17. “Wena ngwana motho, Morena Modimo o bua tjena: Bitsa dinonyana ka mefuta ya tsona, le dibatana tsohle tsa naha, o re: <Phuthehang kaofela, le etswa hohle, le tle kwano sehlabelong sa ka, seo ke le etsetsang sona, sehlabelo se seholo se hodima dithaba tsa Iseraele, e le hore le tle le je nama le nwe le madi.

18. Le tla ja nama ya bahale, le nwe madi a mahosana a lefatshe, jwalokaha eka ke a dipheleu, le a dikonyana, le a dipodi, le a dipohwana tseo kaofela ha tsona e leng tse nontshitsweng tsa Bashane.

19. Sehlabelong seo ke le etseditseng sona le tla ja mafura ho fihlela a le tena, le nwe le madi ho fihlela a le taha.

20. Tafoleng ya ka le tla ja, le kgore nama ya dipere le ya bapalami ba tsona, le ya bahale le ya bahlabani ka mefuta ya bona, ho rialo Morena Modimo.>

21. “Ke tla bonahatsa tlotla ya ka hara baditjhaba, mme baditjhaba bohle ba tla bona dikahlolo tsa ka, ba bone le letsoho leo ke ba otlileng ka lona.

22. Ka mokgwa o jwalo, ho tloha mohla tsatsi leo, ba ntlo ya Iseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa bona.

23. Baditjhaba ba tla tseba hore ba ntlo ya Iseraele ba ile ba iswa bothopuweng ka baka la bokgopo ba bona, hobane ba ile ba ntshitelwa. Ka baka leo, ke ile ka ba patela sefahleho sa ka, ka neelana ka bona matsohong a dira tsa bona, mme bohle ba ile ba bolawa ka sabole.

24. Ke ile ka ba otla ho ya ka ditshila tsa bona le ditlolo tsa bona, mme ka ba patela sefahleho sa ka.

25. “Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Jwale ke tla kgutlisa ba ntlo ya Jakobo bothopuweng, ke hauhele bohle ba ntlo ya Iseraele, mme ke boulele lebitso la ka le halalelang.

26. Ha ba se ba phela ka kgotso naheng ya bona, ho se ya ba tshosang, ba tla lebala dihlong tsa bona, le ditshito tsohle tseo ba ileng ba ntshitelwa ka tsona.

27. Ha ke se ke ba kgutlisitse ditjhabeng, ke ba ntshitse dinaheng tsa dira tsa bona, ke tla ikgalaletsa ka bona moo ditjhaba tse ngata di ntseng di bona.

28. Ke moo ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa bona, ya ileng a ba isa bothopuweng, hara baditjhaba, a ba a ba kgutlisetsa naheng ya habo bona, ho se le ya mong ya setseng moo.

29. Nke ke ka hlola ke ba patela sefahleho sa ka, hobane ke theoletse Moya wa ka hodima ba ntlo ya Iseraele, ho rialo Morena Modimo.”