BIBELE

Esekiele 39:1-16 BIBELE (SSO89SO)

1. “Wena ngwana motho, porofetela Gogo, o re: <Morena Modimo o bua tjena: Bona, ke a o lwantsha wena Gogo, o leng kgosana e kgolo ya Mesheke le Tubale.

2. Ke tla o kgutlisa, ke o hulanye, ke o nyolle hole leboya, o yo futuhela dithaba tsa Iseraele.

3. Ke tla phaila seqha se letsohong la hao le letshehadi, se we, ke dihe metsu e letsohong la hao le letona.

4. Wena Gogo le mabotho a hao, le ditjhaba tse emeng le wena, le tla bolaelwa hodima dithaba tsa Iseraele, ditopo tsa lona di jewe ke dinonyana tse jang dififi, le ke dibatana tsa naha.

5. Le tla bolaelwa hara naha, hobane ke buile jwalo, ho rialo Morena Modimo.

6. Ke tla romella mollo naheng ya Magogo le ho bohle ba ahileng mabopong a lewatle, ba phelang ka kgotso, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.

7. “ <Ke tla etsa hore lebitso la ka le halalelang le tsejwe hara setjhaba sa ka sa Iseraele. Ha nka ke ka hlola ke dumela hore lebitso la ka le halalelang le silafatswe, mme baditjhaba ba tla tseba hore nna ke Morena ya halalelang wa Iseraele.

8. Bonang letsatsi le a tla! Le tla fela le tle! ho rialo Morena Modimo. Ke lona letsatsi leo ke buileng ka lona.

9. “ <Baahi ba metse ya Iseraele ba tla tswa, ba bese mollo ka dibetsa tsa bona: dithebe le dithejana, diqha le metsu, dikoto le marumo. Ba tla qeta dilemo tse supileng ba ntse ba besa mollo ka tsona.

10. Kahoo ba ke ke ba hlola ba rwalla patsi naheng, kapa ba rema difate merung, hobane ba tla besa mollo ka dibetsa tsa bona. Ba tla tlatlapa ba ileng ba ba tlatlapa, ba hape tsa ba ileng ba hapa tsa bona, ho rialo Morena Modimo.

11. “ <Ka lona letsatsi leo, ke tla fa Gogo setsha sa mabitla naheng ya Iseraele, kgohlong ya ba etelang nqa botjhabela ho lewatle. Setsha sena se tla thiba tsela ya baeti, hobane Gogo le matshwele a hae ba tla epelwa hona teng. Kahoo sebaka seo se tla bitswa Hamone-Gogo.

12. “ <Ka kgwedi tse supileng Baiseraele ba tla nne ba ba epele, e le hore ba hlwekise naha.

13. Batho bohle ba naha eo ba tla thusa ho ba epela, mme hona e be tlotla ho bona, letsatsing leo ke tlang ho tlotliswa ka lona, ho rialo Morena Modimo.

14. “ <Etlare ha ho fetile dikgwedi tse supileng ho kgethwe banna ba tla potoloha le naha yohle, ho batla ditopo tse rapaletseng hara naha, ba di epele, e le hore naha e tle e hlweke.

15. Ha ba ntse ba tsamaya hara naha jwalo, mme e mong a bona lesapo la motho, o tla hloma mokolokotwane hona moo, ho fihlela ba tjhekang mabitla ba le epela ka kgohlong ya Hamone-Gogo.

16. Lebitso la motse le lona e tla ba Hamone. Ba tla hlwekisa naha jwalo.>