BIBELE

Esekiele 38:2-16 BIBELE (SSO89SO)

2. “Wena ngwana motho, tadima Gogo, e leng kgosana e kgolo ya Mesheke le Tubale, ya naheng ya Magogo. O mo porofetele,

3. o re: <Morena Modimo o bua tjena: Ke a o lwantsha, wena Gogo kgosana e kgolo ya Mesheke le Tubale.

4. Ke tla o kgutlisa, mehlahare ya hao ke e qadipe ka dilope, ke o ntshe le mabotho wohle a hao le dipere le bapalami ba tsona ba hlometseng, e le letshwelehadi le hlometseng ka dithebe le dithejana, bohle ba tshwere disabole tsa bona.

5. Peresiya le Kushe le Pute di tla ba le bona, bohle ba le dithebe le dikatiba tsa tshepe,

6. le yona Gomere ka mabotho wohle a yona, le Bete-Togarema e tswang hole leboya ka mabotho wohle a yona, le ditjhaba tse ngata di ena le wena.

7. “ <Wena le mabotho a hao wohle a phuthehetseng ho wena ebang malala-a-laotswe, wena o be molaodi wa wona.

8. Hoba ho fete matsatsi a mangata o tla futuha. Ka dilemo tse hlahlamang o tla kena naheng e sa tswa futuhelwa, eo setjhaba sa yona se ileng sa phuthwa dinaheng tse ngata ho ya dithabeng tsa Iseraele tseo e neng e le kgale di le feela. Se ne se ile sa ntshwa ditjhabeng tse ding, mme jwale se phela ka kgotso.

9. Wena le mabotho wohle a hao le ditjhaba tse ngata tse emeng le wena, le tla nyoloha jwaloka sefefo, le be jwaloka leru le kwahelang naha.

10. “ <Morena Modimo o bua tjena: Mohlang oo o tla fihlelwa ke mehopolo kelellong ya hao, ebe o rera merero e mebe.

11. O tla re: “Ke tla futuhela metsana e sa hahaletswang, ke hlasele setjhaba se iketlileng, se iphelelang ka kgotso, se iphelelang metseng e sa haheletswang, e se nang dikgoro le mekwallo.

12. Ke tla se lobela, ke se hape, ke ntano futuhela dithako tse tsositsweng, le setjhaba se phuthilweng hara baditjhaba, se nang le diphoofolo le matlotlo, se phelang bohareng ba lefatshe.”

13. Sheba le Dedane le bahwedi ba Tarashishe le bahale bohle ba yona, ba tla re ho wena: “Na o tlile ho re lobela? Na o phuthile mabotho a hao ho tla ikgapela silefera le kgauta, le diphoofolo le thepa, le ho inkela kgapo e ngata?” >

14. “Ka baka leo, wena ngwana motho, porofetela Gogo, o re: <Morena Modimo o bua tjena: Mohla setjhaba sa ka sa Iseraele se phelang ka kgotso, na ha o na ho elellwa hoo?

15. O tla tloha haeno, hole leboya, o ena le ditjhaba tse ngata, bohle ba palame dipere, le le lebothohadi le matla.

16. O tla futuhela setjhaba sa ka sa Iseraele jwaloka leru le kwahetseng naha. Ka matsatsi a tlang, wena Gogo, o tla futuhela naha ya ka, e le hore baditjhaba ba tle ba ntsebe ha ke bonahatsa kgalalelo ya ka ka wena Gogo, moo ba ntseng ba bona.