BIBELE

Esekiele 38:19-23 BIBELE (SSO89SO)

19. Ka baka la poulelo ya ka ke hlapanya ke halefile haholo, ke re mohlang oo tshisinyeho e kgolo ya lefatshe e tla ba teng naheng ya Iseraele.

20. Ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, le dihahabi tsohle, le batho bohle ba lefatsheng, tsena tsohle di tla thothomela kapele ho nna. Dithaba di tla bothalatswa, mafika a thetehe, le marako wohle a helehe.

21. Ke tla dihela Gogo dikoduwa ka mefuta ya tsona dithabeng tsohle tsa ka, ho rialo Morena Modimo. Motho ka mong o tla bolaya ngwanabo ka sabole.

22. Ke tla mo ahlolela lefu la sewa le tshollo ya madi, yena le mabotho a hae, le ditjhaba tse ngata tseo a nang le tsona, ke ba nesetse pula ya sekgohola, le sefako se dinaka, le mollo, le sebabole.

23. Ke tla bonahatsa jwalo boholo ba ka le kgalalelo ya ka, ke itsebise ditjhaba tse ngata moo di ntseng di bona. Kahoo di tla tseba hore ke nna Morena.>