BIBELE

Esekiele 37:9-24 BIBELE (SSO89SO)

9. Yaba Morena o re ho nna: “Porofetela moya; porofeta, wena ngwana motho, o re ho wona: <Morena Modimo o bua tjena: Wena moya, foka o etswa qoleng tse nne tsa lefatshe, o phefumolohele ditopo tsena, di tle di phele.> ”

10. Yaba ke porofeta jwalokaha a ntaetse, moya wa kena kahare ho ditopo, tsa tsoha, tsa ema ka maoto, e le lebotho le leholohadi.

11. Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, masapo ana a tshwantsha bohle ba ntlo ya Iseraele. Ha ba bua ba re: <Masapo a rona a omeletse, re feletswe ke tshepo, re timeletswe.>

12. Ka baka leo, porofeta, o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena: Bonang, lona setjhaba sa ka, ke tla bula mabitla a lona, ke le ntshe kahara wona, ke le kgutlisetse naheng ya Iseraele.

13. Ha ke se ke butse mabitla a lona, ke le ntshitse kahara wona, lona setjhaba sa ka, le tla tseba hore ke nna Morena.

14. Ke tla le nea Moya wa ka, mme le tla phela. Ke tla le ahisa naheng ya lona, kahoo le tla tseba hore nna Morena, ke buile jwalo, mme ke phethahaditse, ho rialo Morena.> ”

15. Lentswe la Morena la fihla hape ho nna, la re:

16. “Wena ngwana motho, nka molamu o le mong, o ngole hodima wona, o re: <Ke wa Juda le bana ba Iseraele ba thusanang le yena.> Ebe o nka molamu o mong hape, o ngola hodima wona, o re: <Ke wa Josefa, molamu wa Efraime le bohle ba ntlo ya Iseraele ba thusanang le yena.>

17. Jwale o kopanye dintlha tsa melamu ena e tle e be molamu o le mong ka letsohong la hao.

18. “Ha setjhaba sa heno se re ho wena: <A ko re hlalosetse seo o se bolelang ka ketso ena,>

19. wena o tle o re ho sona: Morena Modimo o bua tjena: Ke tla nka molamu o ka letsohong la Efraime, e leng molamu wa Josefa le ba morabe wa Iseraele ba thusanang le yena, ke o kopanye le molamu wa Juda, ke e etse molamu o le mong, mme molamu o tla ba mong ka letsohong la ka.

20. “Moo setjhaba se ntseng se bona, o tshware melamu eo e mmedi, eo o ngotseng hodima yona,

21. mme o re ho sona: <Morena o bua tjena: Ke tla ntsha bana ba Iseraele hara baditjhaba bao ba ileng ho bona, ke ba phuthe hohle, ke ba kgutlisetse naheng ya bona.

22. Ke tla ba etsa setjhaba se le seng hodima dithaba tsa naha ya Iseraele. Ba tla buswa ke kgosi e le nngwe kaofela ha bona; e ke ke ya hlola e eba ditjhaba tse pedi, ho hang ba ke ke ba hlola ba ikarola, ba iketsa mebuso e mmedi.

23. Ba ke ke ba hlola ba itshilafatsa ka medingwana ya bona, le ka dintho tsa bona tse manyala, kapa ka e nngwe feela ya ditshito tsa bona. Ke tla ba lopolla hohle moo ba phelang teng, moo ba etseditseng sebe teng, ke ba hlwekise. E tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa bona.

24. “ <Mohlanka wa ka Davida e tla ba kgosi ya bona. Ba tla ba le modisa a le mong feela, ba tsamaye ka melao ya ka, ba boloke ditaelo tsa ka, ba di phethe.