BIBELE

Esekiele 37:6-18 BIBELE (SSO89SO)

6. Ke tla manamisa mesifa hodima masapo, nama e hlomele hodima wona, ke kwahele ka letlalo, ebe ke budulela moya kahare ho lona, mme le tla boela le phele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.> ”

7. Yaba ke porofeta jwalokaha ke laetswe. Ha ke ntse ke porofeta, ho ile ha utlwahala leswahlaswahla, ka bona masapo a sisinyeha, a atamelana, lesapo ka leng le kopana le la habo lona.

8. Ka tadima, mme ka bona mesifa le dinama di hlomela hodima wona, le letlalo le a kwahela, empa a ne a sa phefumolohe.

9. Yaba Morena o re ho nna: “Porofetela moya; porofeta, wena ngwana motho, o re ho wona: <Morena Modimo o bua tjena: Wena moya, foka o etswa qoleng tse nne tsa lefatshe, o phefumolohele ditopo tsena, di tle di phele.> ”

10. Yaba ke porofeta jwalokaha a ntaetse, moya wa kena kahare ho ditopo, tsa tsoha, tsa ema ka maoto, e le lebotho le leholohadi.

11. Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, masapo ana a tshwantsha bohle ba ntlo ya Iseraele. Ha ba bua ba re: <Masapo a rona a omeletse, re feletswe ke tshepo, re timeletswe.>

12. Ka baka leo, porofeta, o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena: Bonang, lona setjhaba sa ka, ke tla bula mabitla a lona, ke le ntshe kahara wona, ke le kgutlisetse naheng ya Iseraele.

13. Ha ke se ke butse mabitla a lona, ke le ntshitse kahara wona, lona setjhaba sa ka, le tla tseba hore ke nna Morena.

14. Ke tla le nea Moya wa ka, mme le tla phela. Ke tla le ahisa naheng ya lona, kahoo le tla tseba hore nna Morena, ke buile jwalo, mme ke phethahaditse, ho rialo Morena.> ”

15. Lentswe la Morena la fihla hape ho nna, la re:

16. “Wena ngwana motho, nka molamu o le mong, o ngole hodima wona, o re: <Ke wa Juda le bana ba Iseraele ba thusanang le yena.> Ebe o nka molamu o mong hape, o ngola hodima wona, o re: <Ke wa Josefa, molamu wa Efraime le bohle ba ntlo ya Iseraele ba thusanang le yena.>

17. Jwale o kopanye dintlha tsa melamu ena e tle e be molamu o le mong ka letsohong la hao.

18. “Ha setjhaba sa heno se re ho wena: <A ko re hlalosetse seo o se bolelang ka ketso ena,>