BIBELE

Esekiele 37:23-28 BIBELE (SSO89SO)

23. Ba ke ke ba hlola ba itshilafatsa ka medingwana ya bona, le ka dintho tsa bona tse manyala, kapa ka e nngwe feela ya ditshito tsa bona. Ke tla ba lopolla hohle moo ba phelang teng, moo ba etseditseng sebe teng, ke ba hlwekise. E tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa bona.

24. “ <Mohlanka wa ka Davida e tla ba kgosi ya bona. Ba tla ba le modisa a le mong feela, ba tsamaye ka melao ya ka, ba boloke ditaelo tsa ka, ba di phethe.

25. Ba tla aha naheng eo ke e neileng mohlanka wa ka Jakobo, naheng eo bo-ntata lona ba neng ba ahile ho yona. Le bona, mmoho le bana ba bona le ditloholwana tsa bona, ba tla aha teng kamehla, mme Davida, mohlanka wa ka, e tla ba kgosana ya bona kamehla yohle.

26. Ke tla etsa selekane sa kgotso le bona, mme e tla ba selekane sa kamehla yohle. Ke tla ba tsitsisa, ke ba ngatafatse, mme ke emise Sehalalelo sa ka hara bona kamehla yohle.

27. Leaho la ka le lona le tla ba hara bona; nna ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.

28. Baditjhaba ba tla tseba hore ke nna Morena ya halaletsang Iseraele, ha Sehalalelo sa ka se se se eme kahara bona kamehla yohle.> ”