BIBELE

Esekiele 37:2-6 BIBELE (SSO89SO)

2. A ntsamaisa hohle kahara kgohlo eo, ka bona masapo a mangata haholo, a omeletseng haholo!

3. Morena a mpotsa, a re: “Wena ngwana motho, na masapo aa a ka boela a phela?”Ka araba, ka re: “Morena Modimo, ke wena feela ya tsebang.”

4. Yaba o re ho nna: “Porofetela masapo ana, o re ho wona: <Lona masapo a omeletseng, mamelang lentswe la Morena!

5. Morena Modimo o bua tjena ho masapo ana: Ke tla budulela moya kahare ho lona, mme le tla boela le phele.

6. Ke tla manamisa mesifa hodima masapo, nama e hlomele hodima wona, ke kwahele ka letlalo, ebe ke budulela moya kahare ho lona, mme le tla boela le phele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.> ”