BIBELE

Esekiele 37:15-22 BIBELE (SSO89SO)

15. Lentswe la Morena la fihla hape ho nna, la re:

16. “Wena ngwana motho, nka molamu o le mong, o ngole hodima wona, o re: <Ke wa Juda le bana ba Iseraele ba thusanang le yena.> Ebe o nka molamu o mong hape, o ngola hodima wona, o re: <Ke wa Josefa, molamu wa Efraime le bohle ba ntlo ya Iseraele ba thusanang le yena.>

17. Jwale o kopanye dintlha tsa melamu ena e tle e be molamu o le mong ka letsohong la hao.

18. “Ha setjhaba sa heno se re ho wena: <A ko re hlalosetse seo o se bolelang ka ketso ena,>

19. wena o tle o re ho sona: Morena Modimo o bua tjena: Ke tla nka molamu o ka letsohong la Efraime, e leng molamu wa Josefa le ba morabe wa Iseraele ba thusanang le yena, ke o kopanye le molamu wa Juda, ke e etse molamu o le mong, mme molamu o tla ba mong ka letsohong la ka.

20. “Moo setjhaba se ntseng se bona, o tshware melamu eo e mmedi, eo o ngotseng hodima yona,

21. mme o re ho sona: <Morena o bua tjena: Ke tla ntsha bana ba Iseraele hara baditjhaba bao ba ileng ho bona, ke ba phuthe hohle, ke ba kgutlisetse naheng ya bona.

22. Ke tla ba etsa setjhaba se le seng hodima dithaba tsa naha ya Iseraele. Ba tla buswa ke kgosi e le nngwe kaofela ha bona; e ke ke ya hlola e eba ditjhaba tse pedi, ho hang ba ke ke ba hlola ba ikarola, ba iketsa mebuso e mmedi.