BIBELE

Esekiele 35:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re:

2. “Wena ngwana motho, tadima Thaba ya Seire, o e porofetele.

3. Ere ho yona: <Morena Modimo o bua tjena:“ <Ke o halefetse,wena Thaba ya Seire,ke tla otlolla tsoho la ka,ke le otlollele hodima hao,ke o fetole nanaola le lefella.

4. Metse ya hao ke tla e ripitla,wena ke o fetole, o be nanaola;kahoo a tla tseba hore ke nna Morena.

5. “ <Haesale o hloile bana ba Iseraele ho tloha kgale, wa tsholla madi a bona ka sabole ha ba le tsietsing, mohla o neng o ba ahlola la ho qetela.

6. Ka baka leo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ke tla o bolaya, ke tsholle madi a hao. Erekaha ha o a ka wa hloya tshollo ya madi, ke tla tsholla madi a hao.

7. Ke tla fetola Thaba ya Seire letswatlare, ke bolaye bohle ba tsamayang ho yona.

8. Wena Seire, dithaba tsa hao ke tla di kwahela ka ditopo; ba bolailweng ka sabole ba tla tlala maralleng, le dikgohlong, le dinokeng tsohle tsa hao.

9. Ke tla o fetola letswatlare ho isa kgale, metse ya hao e fetohe dithako. Kahoo o tla tseba hore ke nna Morena.

10. “ <O ile wa re: “Ditjhaba tsena tse pedi le dinaha tsena tse pedi e tla ba tsa ka, mme re tla di hapa,” le hoja nna Morena, ke ne ke ntse ke le teng.

11. Ka baka leo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ke tla o otlela kgalefo eo o neng o ba halefetse ka yona, le mohono oo o neng o ba honohela ka wona, le lehloyo leo o neng a ba hloile ka lona. Ha ke se ke o ahlotse ke tla itsebisa bona.