BIBELE

Esekiele 34:21-28 BIBELE (SSO89SO)

21. Dinku tsohle tse tsetang le ile la di thesela ka lehlakore le ka lehetla, la ba la di kweba ka dinaka tsa lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle ho makgulo.

22. Kahoo ke tla pholosa mohlape wa ka, o se hlole o lobelwa, ke ahlole, ke kgethe nku ho nku.

23. Ke tla di nea modisa a le mong, e leng mohlanka wa ka Davida; o tla di alosa, a di fepe, e be modisa wa tsona.

24. Nna Morena ke tla ba Modimo wa tsona, mme mohlanka wa ka Davida, e be kgosana ya tsona. Nna Morena ke buile jwalo.

25. Ke tla etsa selekane sa kgotso le dinku tsa ka, ke fedise dibatana kahara naha, dinku tsa ka di iphelele ka kgotso lehwatateng, di ipothele merung.

26. “Ke tla di hlohonolofatsa, ke hlohonolofatse le dibaka tse potapotileng leralla la ka. Ke tla nesa dipula ka nako ya tsona, e be dipula tsa mahlohonolo.

27. Difate tsa naha di tla beha ditholwana, le masimo a medise dijalo. Setjhaba sa ka se tla itulela ka kgotso kahara naha; kahoo se tla tseba hore ke nna Morena, mohla ke robang joko e melaleng ya sona, ke se namolela matsohong a ba se entseng makgoba.

28. Setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se fetoha lelobelo la baditjhaba, le dibatana tsa naha di ke ke tsa se harola. Se tla itulela ka kgotso ho se motho ya se tshosang.