BIBELE

Esekiele 34:2-18 BIBELE (SSO89SO)

2. “Wena ngwana motho, porofetela badisa ba Iseraele; ba porofetele, o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena ho badisa: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba iphepang ba le bang! Na badisa ha ba tshwanele ho fepa mohlape?

3. Lona le ja mafureng, le apara tsa boya, le hlaba tse nonneng, empa ha le fepe mohlape.

4. Ha le matlafatse tse tsetang, tse kulang ha le di phekole, tse robehileng ha le di tlamise, tse kgelohileng ha le di phuthe, tsa malahleha ha le di batle, empa le di kganna ka thata, le a di hlekefetsa.

5. Ka baka la ho hloka modisa di qhalane, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha.

6. Dinku tsa ka di solla kahohle dithabeng le maralleng; mohlape wa ka o qhalane kahohle lefatsheng, mme ha ho ya o batlang, leha e le ho o batlisisa.

7. “ <Ka baka leo, lona badisa, mamelang lentswe la Morena!

8. Ke a hlapanya, ho rialo Morena. Dinku tsa ka di fetohile lelobelo, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha, ka baka la ho hloka modisa. Badisa ha ba a ka ba batla mohlape wa ka, empa ba ile ba iphepa ba le bang, ba se ke ba fepa mohlape wa ka.

9. Ka baka leo, lona badisa, mamelang lentswe la Morena:

10. Morena Modimo o bua tjena: Ke tla lwantsha badisa, mohlape wa ka ke o batle ho bona, ke be ke ba tlose bodiseng ba wona, e le hore ba tle ba se hlole ba iphepa ba le bang. Ke tla ntsha mohlape wa ka hanong la bona, ba se hlole ba iphepa ka wona.> ”

11. Morena Modimo o bua tjena: “Nna ka sebele ke tla batla dinku tsa ka, ke di batlisise.

12. Jwalokaha modisa a batla dinku tsa hae ha a fumana di qhalane, le nna ke tla batla dinku tsa ka jwalo. Ke tla di phutha hohle moo di qhalanetseng teng mohla maru a kwahetseng, ho le lefifi.

13. Ke tla di ntsha hara ditjhaba, ke di phuthe dinaheng disele, ke di kgutlisetse ha habo tsona. Ke tla di alosetsa dithabeng tsa Iseraele, le dikgohlong, le metseng yohle ya naha eo.

14. Ke tla di katla makgulong a matala, di fule maloting a Iseraele. Di tla botha metebong e metle, di fule makgulong a nonneng, dithabeng tsa Iseraele.

15. Nna ka sebele ke tla fepa mohlape wa ka, ke o bothise, ho rialo Morena Modimo.

16. “Ke tla batla tse lahlehileng, ke phuthe tse kgelohileng, ke tlamise tse robehileng, ke matlafatse tse tsetang. Ha e le tse nonneng, tse matla, tsona ke tla di bolaya. Ke tla alosa mohlape wa ka ka toka.

17. “Ha e le lona mohlape wa ka, ho rialo Morena Modimo, ke tla le ahlola, ke kgethe nku e lokileng ho e sa lokang, le dipheleu ho diphooko.

18. Na ha ho a lekana hore le fule makgulong a matala? Na le tshwanela ho nna le hatakela ka maoto makgulo a setseng? Na ha ho a lekana hore le nwe metsi a hlwekileng? Na le tshwanela ho duka ka maoto metsi a setseng?