BIBELE

Esekiele 34:15-24 BIBELE (SSO89SO)

15. Nna ka sebele ke tla fepa mohlape wa ka, ke o bothise, ho rialo Morena Modimo.

16. “Ke tla batla tse lahlehileng, ke phuthe tse kgelohileng, ke tlamise tse robehileng, ke matlafatse tse tsetang. Ha e le tse nonneng, tse matla, tsona ke tla di bolaya. Ke tla alosa mohlape wa ka ka toka.

17. “Ha e le lona mohlape wa ka, ho rialo Morena Modimo, ke tla le ahlola, ke kgethe nku e lokileng ho e sa lokang, le dipheleu ho diphooko.

18. Na ha ho a lekana hore le fule makgulong a matala? Na le tshwanela ho nna le hatakela ka maoto makgulo a setseng? Na ha ho a lekana hore le nwe metsi a hlwekileng? Na le tshwanela ho duka ka maoto metsi a setseng?

19. Ebe mohlape wa ka o tla fula jwang boo le bo hataketseng ka maoto a lona, mme o nwe metsi ao le a dukileng ka maoto a lona?”

20. Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena ho bona: “Bonang, nna ka sebele ke tla le ahlola, ke kgethe nku e nonneng ho e otileng.

21. Dinku tsohle tse tsetang le ile la di thesela ka lehlakore le ka lehetla, la ba la di kweba ka dinaka tsa lona, ho fihlela le di qhalanyetsa kantle ho makgulo.

22. Kahoo ke tla pholosa mohlape wa ka, o se hlole o lobelwa, ke ahlole, ke kgethe nku ho nku.

23. Ke tla di nea modisa a le mong, e leng mohlanka wa ka Davida; o tla di alosa, a di fepe, e be modisa wa tsona.

24. Nna Morena ke tla ba Modimo wa tsona, mme mohlanka wa ka Davida, e be kgosana ya tsona. Nna Morena ke buile jwalo.