BIBELE

Esekiele 34:1-9 BIBELE (SSO89SO)

1. Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

2. “Wena ngwana motho, porofetela badisa ba Iseraele; ba porofetele, o re ho bona: <Morena Modimo o bua tjena ho badisa: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba iphepang ba le bang! Na badisa ha ba tshwanele ho fepa mohlape?

3. Lona le ja mafureng, le apara tsa boya, le hlaba tse nonneng, empa ha le fepe mohlape.

4. Ha le matlafatse tse tsetang, tse kulang ha le di phekole, tse robehileng ha le di tlamise, tse kgelohileng ha le di phuthe, tsa malahleha ha le di batle, empa le di kganna ka thata, le a di hlekefetsa.

5. Ka baka la ho hloka modisa di qhalane, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha.

6. Dinku tsa ka di solla kahohle dithabeng le maralleng; mohlape wa ka o qhalane kahohle lefatsheng, mme ha ho ya o batlang, leha e le ho o batlisisa.

7. “ <Ka baka leo, lona badisa, mamelang lentswe la Morena!

8. Ke a hlapanya, ho rialo Morena. Dinku tsa ka di fetohile lelobelo, mme di jewa ke dibatana tsohle tsa naha, ka baka la ho hloka modisa. Badisa ha ba a ka ba batla mohlape wa ka, empa ba ile ba iphepa ba le bang, ba se ke ba fepa mohlape wa ka.

9. Ka baka leo, lona badisa, mamelang lentswe la Morena: