BIBELE

Esekiele 31:3-11 BIBELE (SSO89SO)

3. Bona Asiria eoe ne e le kedare ya Lebanone,e makala a matle, a thathaletseng;e ne e phahame haholo,e fihla marung,e tswile ka mahetlahara mahlaku a teteaneng.

4. E ne e nwesetswa ke metsi a mangata,didiba tse ka fatshetsa e hodisa haholo,metsi a tsona a phallaho pota kutu ya yona,makalana a tsonaa nwesetsa difate tsohle.

5. Ka hona ya phahamaho feta fate tsohle tsa moru,mahlaku a yona a teteana haholo,makala a yona le wona a lelefala,a thathalla ka baka la metsi bongata.

6. Nonyana tsohletsa hahela makaleng a yona,batana tsohletsa tswalla tlasa makala a yona,tjhaba tsohle tse kgolotsa dula moriting wa yona.

7. Boholo ba yonabo ne bo kgahleha haholo,le makala a yona a le malelelehadi,hoba motso wa yonao ne o le metsing a mangata.

8. Kedare tsa rapa sa Modimodi ne di sa e fete,le fate tsa hokidi sa ke makala a yona,le difate feela di sa ke makala a yona;botle ba difate tsa rapa sa Modimobo ne bo ke ke ba ka botle ba yona.

9. Ke ile ka e kgabisaka makala a mangata,lefufa la ba la qetafate tsohle tsa Edene,fate tse neng di metserapeng sa Modimo.

10. “ <Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Kahobane kedare eo e ile ya iphahamisetsa hodimo, ya tswa ka mahetla hara mahlaku a teteaneng, le kahobane e ne e ikgantsha ka bophahamo ba yona,

11. ke ile ka e leleka, ka neelana ka yona matsohong a eo e leng senatla hara baditjhaba; yena o tla etsa seo a se ratang ka kedare eo ho ya ka bokgopo ba yona.